Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 13:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 13:34
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame a bua pelong ya hae, a re: Jwale, mmuso o tla boela tlung ya Davida;


Taba ena ya eba kgopiso, hobane setjhaba sa ya kgumamela namane, ho fihlela Dane.


Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.


Mora wa Jeroboame ya shwelang hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo: hobane Jehova o itsalo.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Tsamaya, o re ho Jeroboame: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o phahamisitse hara setjhaba, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


Haele Nadabe, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele ka selemo sa bobedi sa Asa, morena wa Juda; a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka sebe sa hae seo a sebisitseng Iseraele ka sona.


Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.


Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.


Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.


Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya o hlakola lefatsheng, o ya shwa monongwaha, hobane o bile wa bolela kweneho bakeng sa Jehova.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ