Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 13:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Moporofeta ya neng a mo kgutlisitse tseleng, ha a utlwa, a re: Ke monna wa Modimo ya ikgantsheditseng molomo wa Jehova; Jehova o mo neetse tau; e mo harotse, e mmolaile ka lentswe le boletsweng ke Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ha moporofeta wa leqheku, ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo tseleng, a utlwa hona, a re: “Motho eno ke moporofeta wa Modimo, ya ileng a tlola taelo ya Modimo; ka baka leo, Morena o mo neetse tau e ileng ya mo harola, ya mmolaya, ho latela puo eo Morena a ileng a e bua ho yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 13:26
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.


Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.


Baeti ba fetang ba bona setopo se namaletse tseleng, le tau e eme pela setopo; ba ya, ba beha motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona.


A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo. Ba mo qhanehela.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang, le ba kulang hara lona; mme ba bangata ba se ba bile ba shwele.


Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ