Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 13:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A memetsa monna wa Modimo, ya tswang Juda, a re: Ho thwe ke Jehova: Kahobane o ikgantsheditse taelo ya Jehova, o sa ka wa boloka molao wa Jehova, Modimo wa hao, oo a o laetseng wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Moporofeta wa leqheku a re ho moporofeta wa Modimo ya tswang Juda: “Morena o bua tjena: ‘O tlotse taelo ya Morena, ha o a boloka molao oo Morena Modimo wa hao, a o laetseng wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 13:21
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.


Gade ha a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho yena: Hleka o re, o tlelwe ke tlala ka dilemo tse supileng naheng ya hao; kapa o re, o tla baleha ka kgwedi tse tharo pela dira tsa hao, di ntse di o lelekisa; kapa o re, ho tle lefu la sewa naheng ya hao ka tshiu tse tharo na? Ikgethele jwale, o bone hore na ke tla busetsa taba efe ho ya nthomileng.


Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.


hobane ke boleletswe ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi teng; hape, leha o kgutla, o se ke wa boela ka tsela eo o ileng ka yona.


Ba re ba sa dutse tafoleng, lentswe la Jehova la tlela moporofeta ya mo kgutlisitseng.


o kgutlile, o bile o jele bohobe, o nwele metsi bakeng sena, seo lentswe le neng le itse ho wena: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi ho sona; ka baka leo, setopo sa hao se ke ke sa iswa lebitleng la bontatao.


Eo a re: Kahobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, etlare o sa tloha ho nna, tau e tla o bolaya. Yare a sa tloha ho yena, tau ya mo fihlela, ya mmolaya.


Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.


Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Ha o a ka wa utlwa lentswe la Jehova keng, ha o ile wa itihela kgapong, wa etsa bobe pela mahlo a Jehova?


A re a sa bolela areka ya Modimo, Eli a wa setulong ka seetse, pela kgoro, a robeha molala, a ba a shwa, etswe e ne e le motho ya tsofetseng, ya boima; o ba a ahlotse Iseraele ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ