Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:32
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


Leha ho le jwalo, Jeroboame ha a ka a fapoha tsela ya hae e mpe; a boela a bea baprista ba nqalo tse diphahameng hara setjhaba sohle; mang le mang ya ratang, o ne a mo kgetha hore e be moprista wa nqalo tse diphahameng.


Le banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena Salomone, ka mokete wa kgwedi ya Ethanime, e leng kgwedi ya bosupa.


Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e leng ba memilweng ho tla ho yena, ba ema pela areka; ba hlabaka dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa, tse se nang ho balwa ka baka le bongata ba tsona.


Eitse ha Aarone a bona taba eo, a haha aletare pela namane, a howeletsa, a re: Hosasane, e tla ba mokete wa Jehova!


Enereha ba bea mohato wa monyako wa bona mabapa le wa ka, le kosene ya bona mabapa le ya ka, ho le lerako feela le ba arohantseng le nna, ba ne ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka manyala a bona ao ba a etsang; ka ba ka ba timetsa kgalefong ya ka.


Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ