Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A etsa matlo nqalong tse phahameng, a bea ba bang baprista hara setjhaba sohle, bao e seng bana ba Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Jeroboame a haha ditempele moo ho rapellwang medimo ya bohata teng, mme hara setjhaba a ikgethela bao e seng bara ba Levi, hore e be baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:31
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo.


Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


Yaba e mong wa baprista ba neng ba tlositswe Samaria o tla, a dula Bethele, a ba ruta kamoo ba tshwanetseng ho tshaba Jehova kateng.


Leha ho le jwalo, setjhaba se seng le se seng sa nna sa iketsetsa medimo ya sona, sa e emisa nqalong tse diphahameng tse neng di entswe ke Basamaria, setjhaba se seng le se seng sa e bea metseng eo se ahileng ho yona.


Ba tshaba Jehova jwalo, ba nna ba iketsetsa baprista ba nqalo tse diphahameng, bao ba ikgethetseng bona hara bona, ya eba bona ba ba hlabelang matlung a nqalong tse diphahameng.


Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.


wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.


Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.


Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae;


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Ha letsatsi le eso ho dikele o tle o mo nee moputso wa hae wa letsatsi leo a sebeditseng ka lona; hobane ke mofumanehi, mme pelo ya hae e lebeletse moputso; o mo nee, esere mohlomong a howeletsa ho Jehova ka baka la hao, mme sebe sa eba teng ho wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ