Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Taba ena ya eba kgopiso, hobane setjhaba sa ya kgumamela namane, ho fihlela Dane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ntho ena ya eba sebe, hobane setjhaba se ile sa ya Bethele le Dane ho ya rapela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:30
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Omri, le matla ao a entseng ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.


Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.


a mpa a batla Modimo wa bontatae, mme a tsamaya ka ditaelo tsa wona, a se ke a ya ka mokgwa wa Baiseraele.


Hobane tsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae ya silefera, le medimo ya hae ya kgauta, eo le iketseditseng yona ho etsa sebe ka yona.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ