A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.
Modimo wa re ho Jakobo: Raoha, o ye Bethele, o ahelle teng, o etse teng aletare ho Modimo o iponahaditseng ho wena mohla o balehelang Esau, moholwane wa hao.
Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;
Ben-Hadade a utlwa morena Asa; a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele; a kena Ijone, Dane, Abele-Bethe-Maaka, le naha yohle ya Kinnerothe, le naha yohle ya Nefthali.
Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.
Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.
Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.
Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.
Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.
Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!
Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,
Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.
Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.