Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 ha setjhaba sena se ka nna sa nyoloha ho ya hlaba mahlabelo tlung ya Jehova, Jerusalema, dipelo tsa setjhaba sena di tla boela ho monga sona, Roboame, morena wa Juda; mme ba tla mpolaya, ba tle ba boele ho Roboame, morena wa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Haeba setjhaba sena se ka nna sa nyolohela Jerusalema ho ya nyehella Morena ka mahlabelo teng, ka Tempeleng ya Morena, dipelo tsa sona di tla boela di sokolohela ho monga sona, e leng Rehoboame, kgosi ya Juda. Se tla mpolaya, se kgutlele ho Rehoboame, kgosi ya Juda.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.


Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.


Jeroboame a bua pelong ya hae, a re: Jwale, mmuso o tla boela tlung ya Davida;


Enore setjhaba sa hao, ha se futuhela dira tsa sona, se ya ka tsela efe le efe eo o tla se roma ka yona, mme se rapela Jehova, se tadimile nqa motseng ona oo o o kgethileng, le ka nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;


Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Empa o tla hlahisa ditjheso tsa hao nqalong eo Jehova a tla e kgetha lelokong le leng la heno, mme, teng o etse tsohle tseo ke o laelang tsona.


O tla hlabela Jehova, Modimo wa hao, Paseka, o mo hlabele dikgomo le dinku tsa hao, nqalong eo Jehova a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


e mpe e be nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke hona moo o tla hlaba Paseka, mantsiboya ha letsatsi le dikela, nakong e jwaloka eo o tswileng Egepeta ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ