Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 ‘Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona, e leng bana ba Iseraele. Monna e mong le e mong a kgutlele lapeng ha hae, hobane hona ho entswe ke nna.’ ” yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutlela malapeng a bona, ho latela polelo ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.


Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.


Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.


Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame, tshiung tsohle tsa bona.


Jehova o re: Se nyoloheng, se futuheleng banababo lona. Ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe le Jehova, ba kgutlela hae, ba tlohela ho futuhela Jeroboame.


Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.


Yaba Amatsia o ikgaohanya le sera se neng se tswile Efraime, hore se kgutlele ha habo sona; empa bohale ba bona ba tukela Bajuda haholo, mme ba kgutlela ha bona ba befile haholo ke bohale.


Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.


Le se ke la nyolohela teng, hobane Jehova ha a yo hara lona, le tle le se ke la qhalanngwa pela dira tsa lona;


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ