Moporofeta e mong wa leqheku o ne a ahile Bethele; mora hae a tla, a mo phetela tsohle tse hlahileng, tseo monna wa Modimo a di entseng Bethele tsatsing leo; le mantswe ao a a boleletseng morena, bara ba hae ba a phetela ntata bona.
Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.
Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.
Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.
ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.