Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yare Baiseraele bohle ha ba utlwa hore Jeroboame o boile, ba romela ho mmiletsa phuthehong; teng, ba mmea morena wa Baiseraele bohle, ho se leloko le latetseng ntlo ya Davida, haese la Juda le nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:20
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba tloha ho Davida, ba latela Sheba, mora Bikri; banna ba Juda ba mpa ba kgomarela morena wa bona, ba tloha le yena Jordane, ba mo isa Jerusalema.


Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.


Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.


Ke mpa ke tla amoha mora hae mmuso, ke o nee wona, e leng meloko e leshome.


Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Wena, ke tla o kgetha, hore o buse kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng; e tla ba wena morena wa Iseraele.


Haele bana ba Iseraele ba ahileng metseng ya Juda, ba buswa ke Roboame.


A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.


Efraime o nteela hare ka leshano, le ntlo ya Iseraele ka bohata, mme haele Juda, o sa ntse a kwetjha, o hana ho utlwa Modimo, Mohalaledi ya tshepehang.


Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.


Samuele a re ho setjhaba kaofela: Na le a bona hobane ya kgethilweng ke Jehova hara setjhaba sohle, ha ho e mong ya jwaloka yena na? Mme setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: A ho phele morena!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ