Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Haele bana ba Iseraele ba ahileng metseng ya Juda, ba buswa ke Roboame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:17
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Ke mpa ke tla amoha mora hae mmuso, ke o nee wona, e leng meloko e leshome.


Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Bolella Roboame, mora Salomone, morena wa Juda, le ntlo yohle ya Juda le ya Benjamine, le ho setseng ha setjhaba, o re:


Haele Roboame, mora Salomone, ya eba morena wa Juda. Roboame o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa; a busa ka lemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, motse o neng o kgethilwe ke Jehova hara metse yohle ya meloko ya Iseraele, ho bea lebitso la hae teng. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.


Haele bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda, Roboame ya eba morena wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ