Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:16
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba e mong o tla, a behela Davida, a re: Pelo tsa Baiseraele di sokolohetse ho Absalome.


Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.


Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Feela, nke ke ka mo amoha mmuso kaofela; ke tla mmea morena ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ka baka la mohlanka wa ka Davida, eo ke mo kgethileng, ya bolokileng melao ya ka le ditaelo tsa ka.


Ke mpa ke tla amoha mora hae mmuso, ke o nee wona, e leng meloko e leshome.


Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Haele ditloholo tsa Davida, ke tla di kokobetsa ka baka la hoo, empa e seng kamehla.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.


Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele bohle ba ikela tenteng tsa bona.


Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.


Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.


le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.


Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.


Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya;


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.


Hape, ha ba ka ba etsetsa ntlo ya Jerubbaale, e leng Gideone, teboho e lekaneng le ntho tsohle tse molemo tseo a di etseditseng Iseraele.


Gaale, mora Ebede, a re: Abimeleke ke mang, mme Sikeme ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Na hase mora Jerubbaale, mme tona ya hae hase Sebule na? Sebeletsang banna ba Hamore, ntata Sikeme! Haele rona, ke ha re mo sebeletsa ka baka lang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ