Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:15
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.


Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.


Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bana bohle ba hao; athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.


Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.


Ebile ba kgutla, ba mo tsebisa. A re: Ke yona taba eo Jehova a neng a e boletse ka Elia wa Thishba, mohlanka wa hae, a re: Naheng ya Jisreele, dintja di tla ja nama ya Jesebele;


Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.


Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Amatsia a mpa a se ke a mamela, hobane e ne e le taba e tswang ho Modimo, hore o tle o ba neele matsohong a dira, kahobane ba ne ba batlile medimo ya Edomo.


O ba otle, Modimo, ba dihuwe ke merero ya bona. O ba dihe ka baka la dibe tsa bona tse ngata, hobane ba ikgantsheditse wena.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.


le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


Eo e leng matla a Iseraele ha a etse leshano, leha e le ho itatola; hobane hase motho hore a itatole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ