Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Yaba Salomone o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida. Roboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:43
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Roboame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone. Abijame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Asa a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa ntatae Davida; mme mora hae, Josafate, ya eba morena tulong tsa hae.


Abijame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Asa, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Baesha a ntoo orohela ho bontatae, a patwa Thirtsa, mme mora hae, Ela, a busa tulong tsa hae.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.


Akase a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Esekiase o orohela ho bontatae, mme Manasse, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile o patwa lebitleng la hae, tshimong ya Ussa; mme Josiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Mora Salomone ke Roboame, mora wa hae ke Abija, mora wa hae ke Asa, mora wa hae ke Josafate,


batho ba lefeela, bara ba Beliale, ba phuthehetse ho yena, mme ba hlotse Roboame, mora Salomone. Athe Roboame o ne a sa le monyenyane, a le pelo e boi, mme o hlokile matla pela bona.


O ne a le dilemo tse mashome a meraro a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema. A ikela a sa llelwe ke motho, mme a patwa motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a marena.


Osiase a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae serapeng sa mabitla a marena, hobane ho ne ho thwe: Ke molepera. Mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Akase o orohela ho bontatae, mme a patwa motseng wa Jerusalema; empa ha a ka a tliswa mabitleng a marena a Iseraele; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Salomone a busa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema.


Salomone a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida ntatae; mme Roboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Mme o tsejwa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke yena e tla ba monga mesebetsi yohle ya ka eo ke ikgathaleditseng yona, eo ke e entseng ka bohlale tlasa letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.


O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.


Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;


Morena Davida a tswala Salome, ka mosadi wa Uria; Salomone a tswala Roboame; Roboame a tswala Abia; Abia a tswala Asa;


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ