Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:31
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.


Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.


Jeroboame a re ho mosadi wa hae: Tloha, o ikgakanye, ho tle ho se ke ha tsejwa hobane o mosadi wa Jeroboame; o ye Silo; bona, moporofeta Akija o hona teng; ke yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba morena wa setjhaba sena.


ka haraswanya mmuso tlung ya Davida, ka o nea wona; leha ho le jwalo ha o a ka wa etsa jwaloka mohlanka wa ka Davida, ya bolokileng melao ya ka, ya ntatetseng ka pelo ya hae yohle, ho etsa tse lokileng feela mahlong a ka;


A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.


Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.


Eitse Samuele ha a reteleha ho tsamaya, Saule a mo tshwara ka moleka wa kobo ya hae; yaba e a hahoha.


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ