Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Taba ke ena eo a kwenehetseng morena ka baka la yona: Salomone o ne a haha Millo, a thiba dikgeo tsa motse wa ntatae Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Sesosa se neng se etse hore Jeroboame a fetohele kgosi ke sena: Solomone o ne a ntse a haha lerako la Milo, a thiba dikgeo lerakong la Motse wa Davida, ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.


Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.


Ke tsena taba tsa ba hlwailweng, ba kileng ba memuwa ke morena Salomone ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya hae, le Millo, le lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Meggido, le Gesere.


Moradi wa Faro hoba a tlohe motseng wa Davida, a kena tlung ya hae eo a e hahetsweng; ke mohlang oo Millo e hahilweng.


Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.


Eitse ha Sanballate, le Tobia, le Baarabe, le Baammone, le Baashdode, ba utlwa hobane ho tsoswa ha marako a Jerusalema ho ntse ho tswela pele, le hobane dikgeo di se di batla di thibeha, ba halefa haholo,


O sisintse naha, o e qheheditse: o hahe dikgeo tsa yona, hobane e a reketla.


Ekare ha o entse bosawana ka ho ikgohomosa, mme o hopotse bobe, bea letsoho molomong!


Le lemohile hobane marako a motse wa Davida a dikgeo tse ngata, le thibetse metsi a letsha le katlase.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Ha le a hlwella dikgeong, ha le a haha lerako ho teela ntlo ya Iseraele hare, ho tiya ntweng, tsatsing la Jehova.


Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ