Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba tloha Bethele, mme yare ho sa ntse ho le sebakanyana ho ya fihla Efrata, Ragele a itshihlolla, mme a ba le pelehi e thata.


taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.


Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.


Ya eba sera ho Iseraele tshiung tsohle tsa Salomone; a totisa tsietsi tse hlahiswang ke Hadade; o ne a hloile Iseraele, mme o ne a busa Siria.


Monna eo, Jeroboame, e ne e le senatla le mohale. Salomone, ha a bona mohlankana eo hobane o sebetsa hantle, a mmea molebedi wa mosebetsi wohle o etswang ke ba ntlo ya Josefa.


Eitse Jeroboame, mora Nebathe, ha a utlwa — Jeroboame o ne a le Egepeta, moo a neng a balehetse teng ke ho tshaba morena Salomone, a ile ho dula Egepeta ke hona —


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


Ke tla hlakola Baesha le lesika la hae, ke etse ka ntlo ya hao, jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe.


Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.


Salomone a mpa a se ke a kgetha makgoba hara bana ba Iseraele; ya eba bahlabani, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le balaodi ba makgotla a hae, le batsamaisi ba makoloi a hae, le bakalli ba hae.


Eitse hobane Asuba a timele, Kalebe a inkela Efrathe; eo a mo tswalla Hure,


Empa Jeroboame, mora Nebathe, mohlanka wa Salomone, mora Davida, o eme, mme o kwenehetse monga hae;


Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?


Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.


Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.


Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ