Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hape, Modimo wa tsosetsa Salomone sera se seng; ke Resone, mora Eliada, ya neng a thobe ho monga hae, Hadadesere, morena wa Tsoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Modimo a boela a hlahisetsa Solomone sera se seng, e leng Resone, mora wa Eleada, ya neng a balehe monga hae Hadade-Esere, kgosi ya Soba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.


Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.


Basiria ba Damaseka ba ne ba tlile ho tlatsa Hadadesere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Leha e le Betha, le Berothai, metse ya Hadadesere, morena Davida a nka koporo e ngata haholo teng.


Jwale, Jehova a tsosetsa Salomone sera, e le Moedomo Hadade, wa lesika la morena wa Edomo.


Faro a re ho yena: O hlokang mona ha ka, ha o batla ho boela naheng ya heno na? A re: Ha ke hloke letho; feela, ntlohele, o mphe tsela.


Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida, Hanune le bana ba Ammone ba romela ditalenta tse sekete se le seng tsa silefera ho adima makoloi le bapalami ho Basiria ba Mesopotamia, le ho Basiria ba Maaka le ba Tsoba.


Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


Bonang, ke tla tsosetsa Babilona Bamede ba sa reng letho ka silefera, ba sa kgahlisweng ke kgauta.


Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.


Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe;


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ