1 Marena 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 e le ba ditjhaba tseo Jehova a neng a itse ho bana ba Iseraele: Le se ke la ya ho tsona, le tsona di se ke tsa tla ho lona, esere mohlomong tsa kgelosetsa pelo tsa lona medimong ya tsona. Salomone a di kgomarela ke ho ba rata. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE2 A ba nyala le hoja Morena a ne a itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la nyallana le bona, hobane ruri ba tla le kgelosetsa ho medimo ya bona.” Empa Solomone a ba rata haholo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Oho, jwale, le se ke la nea bara ba bona baradi ba lona, mme le se ke la nkela bara ba lona baradi ba bona; le se ke la batla setswalle sa bona, leha e le matlotlo a bona le ka mohla o le mong, le tle le tsebe ho ipha matla, mme le je monono wa naha, le be le e siele bana ba lona e be lefa ka ho sa feleng.