Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:13
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Jehova a tsosetsa Salomone sera, e le Moedomo Hadade, wa lesika la morena wa Edomo.


Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.


Haele ditloholo tsa Davida, ke tla di kokobetsa ka baka la hoo, empa e seng kamehla.


Haele bana ba Iseraele ba ahileng metseng ya Juda, ba buswa ke Roboame.


Baiseraele ba kwenehela ntlo ya Davida jwalo, ho fihlela la kajeno.


Yare Baiseraele bohle ha ba utlwa hore Jeroboame o boile, ba romela ho mmiletsa phuthehong; teng, ba mmea morena wa Baiseraele bohle, ho se leloko le latetseng ntlo ya Davida, haese la Juda le nnotshi.


Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.


Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


Ka baka leo, Jehova a halefela Baiseraele haholo, a ba tlosa pela mahlo a hae, ho se ke ha sala letho, haese leloko la Juda le nnotshi.


Hobane ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Hape, a haha dialetare ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse ha a re: Ke tla bea lebitso la ka Jerusalema.


Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.


Jehova, hopola Davida le dihloreho tsa hae kaofela,


Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.


Morena, e kae mehauhelo ya hao ya pele, eo, botshepehing ba hao, o e baletseng Davida ka kano?


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Ka baka la Sione nke ke ka kgutsa, le ka baka la Jerusalema nke ke ka ipha sebaka, ha ho eso ho hlahe ho loka ha hae jwalokaha ho hlaha mafube a meso, le poloko ya hae e hlahe jwaloka serumula se tukang.


Le se ke la mo fa sebaka, a be a tsose Jerusalema, a mo etse motse o roriswang lefatsheng!


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ