Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Feela, nke ke ka etsa hoo o sa phela, ka baka la ntatao, Davida; ke mpa ke tla o haraswanya letsohong la mora wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Feela ka baka la Davida, ntatao, nke ke ka etsa ntho ena ha o ntse o phela, empa ke tla e etsa ha ho busa mora wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.


Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.


Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.


Feela, nke ke ka mo amoha mmuso kaofela; ke tla mmea morena ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ka baka la mohlanka wa ka Davida, eo ke mo kgethileng, ya bolokileng melao ya ka le ditaelo tsa ka.


Ke mpa ke tla amoha mora hae mmuso, ke o nee wona, e leng meloko e leshome.


Ana o bona kamoo Akabe a ikokobetsang kateng, pela ka na? Erekaha a ikokobeditse pela ka, nke ke ka hlahisa bomadimabe tshiung tsa hae; ke tla hlahisetsa ntlo ya hae bomadimabe mehleng ya mora hae.


Hobane ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.


Yaba Esekiase o re ho Esaia: Taba ena ya Jehova e ntle eo o e boletseng. A ntoo re: Na ha ho jwalo, ha kgotso le boiketlo di ka ba teng tshiung tsa ka na?


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ