Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka baka leo, Morena a re ho Solomone: “Kaha o entse hona, mme o sa boloka selekane sa ka, le ditaelo tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla o amoha mmuso, ke o nee mohlanka wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:11
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Feela, nke ke ka etsa hoo o sa phela, ka baka la ntatao, Davida; ke mpa ke tla o haraswanya letsohong la mora wa hao.


Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.


Mohlang oo, Jeroboame, ha e etswa Jerusalema, moporofeta Akija wa Silo a teana le yena tseleng, a apere kobo e ntjha; e ne e le bona ba babedi naheng.


A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.


Yare Baiseraele bohle ha ba utlwa hore Jeroboame o boile, ba romela ho mmiletsa phuthehong; teng, ba mmea morena wa Baiseraele bohle, ho se leloko le latetseng ntlo ya Davida, haese la Juda le nnotshi.


Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.


A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.


ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;


ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.


Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ