1 Marena 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)24 Ba lefatshe lohle ba ne ba etela Salomone ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE24 mme batho ba lefatshe lohle ba tla ho yena, ho tla utlwa bohlale boo Modimo a mo fileng bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona,
Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,