Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 10:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Lewatleng kgosi e ne e ena le dikepe tsa Tarashishe, tse neng di ena le tsa Hirame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 10:22
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Javane ke Elisha, le Tarshishe, le Kittime, le Dodanime.


Morena a etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.


Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.


Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


Josafate a etsa dikepe tsa Tarshishe, tsa ho ya Ofire ho lata kgauta; empa ha di a ka tsa ya hobane dikepe tsa eshwa Etsione-Gebere.


Morena Salomone a haha sehlopha sa dikepe Etsione-Gebere, e pela Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.


Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Mpshe e pheretla ka mapheo e thabile; e ntle ka masiba le mapheo, empa ha e na lerato.


ha eba jwaloka mohla moya wa botjhabela o robakanyang dikepe tsa Tarshishe.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


le dikepe tsohle tsa Tarshishe, le mesebetsi yohle e kgahlisang mahlo.


Boporofeta hodima Tire: Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane o senyehile; matlo ha a sa le yo, ha ho sa le moo ho kenwang teng; ba utlwile taba eo e etswa naheng ya Kittime.


O haole ka naha ya hao, jwaloka Nile, wena, moradi wa Tarshishe; ha ho sa le joko e o tlamileng.


Tshelelang Tarshishe! Bokollang, lona ba mabapa le lewatle!


Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.


Bana ba Dedane ba ne ba hweba le wena; dihlekehleke tse ngata di ne di le matleng a hao ho hweba le wena, di o lefa ka meno a ditlou le motsweri.


Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.


Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ