Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, le tseo a di kopileng, ho sa balwe tseo morena Salomone a mo fileng tsona, kamoo a ratileng ho mo fa kateng ka phano ya borena. Yaba o tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa, kantle ho dimpho tseo kgosi e mo fileng tsona ka ho rata. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 10:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a nka difate tsa almuge, a etsetsa ntlo ya Jehova le ntlo ya morena metero, le diharepa le diviole tsa dibini. Ho ne ho eso ho tle difate tsa almuge tse kalo, le ho bonwa, ho ne ho eso ho bonwe tse kalo, le kajeno.


Haele boima ba kgauta e neng e tlisetswa Salomone ka lemo se seng le se seng, e ne e le ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng,


A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


Eitse hobane Salomone a phethe ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le tsohle tseo Salomone a lakaditseng ho di etsa,


Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, ho feta tseo a neng a di tliseditse morena. Yaba o a tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!


O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.


Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.


Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ