Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le dikepe tsa Hirame, tse neng di latile kgauta Ofire, tsa lata Ofire le difate tsa almuge tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Le dikepe tsa Hirame, tse neng di ile tsa tlisa kgauta e tswang Ofire, tsa tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka, le mahakwe a bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 10:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a nka difate tsa almuge, a etsetsa ntlo ya Jehova le ntlo ya morena metero, le diharepa le diviole tsa dibini. Ho ne ho eso ho tle difate tsa almuge tse kalo, le ho bonwa, ho ne ho eso ho bonwe tse kalo, le kajeno.


Ofire, Havila, le Jobabe. Bao kaofela ke bara ba Jokthane.


Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.


Nthomele dikedare tsa Lebanone, le dikiprese, le dialmuge; hobane ke a tseba hoba bahlanka ba hao ba hlalefetse ho rema difate Lebanone.


Hurame a mo romela dikepe ka bahlanka ba hae, le bahlanka ba tsebang lewatle; ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Salomone, teng ba lata kgauta e ditalenta tse makgolo a mane a mashome a mahlano, ba di tlisetsa morena Salomone.


O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.


Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ