Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Adonija a tshaba Salomone; a tloha, a ya tshwara dinaka tsa aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Ka baka la ho tshaba Solomone, Adoniya le yena a tsamaya, a fihla a itshwarella manakeng a aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:50
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba bamemuwa bohle ba Adonija ba tshoha, ba tloha, ba ikela e mong le e mong ka tsela ya hae.


Salomone a tsebiswa, ha thwe: Bona, Adonija o tshabile morena Salomone; ke eo, o tshwere dinaka tsa aletare, o re: Morena Salomone a ntlhapanyetse kajeno hore a ke ke a bolaya mohlanka wa hae ka lerumo.


Yaba Joabe o utlwa taba tseo, hobane Joabe o ne a latetse Adonija, leha a ne a sa ka a latela Absalome; Joabe a tshabela tenteng ya Jehova, a tshwara dinaka tsa aletare.


Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare!


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Dintlheng tse nne tsa aletare o tle o etse dinaka; naka tseo di tswe ho yona, mme o tle o e manehe ka koporo.


Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.


Ya etsetswa dinaka dintlheng tse nne; dinaka tsa yona di ne di tswa ho yona, mme ya manehwa ka koporo.


Aletare e na le tswe tse nne, mme ho tloha leifong, hodimo ho lona, ho na le manaka a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ