Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Jwalokaha Jehova a bile le morena, monga ka, a be le yena Salomone jwalo, mme a phahamise terone ya hae ho feta terone ya morena Davida monga ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:37
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a atise setjhaba, se ke se fete boholo ba sona ba jwale halekgolo, mahlo a morena, monga ka, a be a bone; empa morena, monga ka, o lakaletsang ntho eo?


Moo Benaia, mora Jehojada, a araba morena, a re: Ho be jwalo! Jehova, Modimo wa morena, monga ka, ha a ke a rialo le yena!


Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae.


Eitse hobane ba tshele, Elia a re ho Elisha: Kopa seo nka o etsetsang sona, ke eso ho tloswe ho wena. Elisha a re: A nke ke newe karolo tse pedi tsa moya wa hao.


Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Jehova a phahamisa Salomone haholoholo mahlong a Baiseraele bohle, mme a mo nea borena bo kganyang boo ho neng ho eso ho be morena wa Iseraele ya kileng a ba le bo jwalo pele.


Salomone, mora Davida, a tiisetswa boreneng ba hae, mme Jehova Modimo wa hae, a nna a ba le yena, a mo phahamisa haholo.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


Mme nna ke tla mmea letsibolo la ka, le ya phahamileng hara marena a lefatshe.


Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Re tla o utlwa jwalokaha re kile ra utlwa Moshe tabeng tsohle. Feela, Jehova, Modimo wa hao, a be le wena, jwalokaha a bile le Moshe.


Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.


Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ