Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Le ntoo kgutla le mo latetse, a tle a dule teroneng ya ka, mme a buse tulong tsa ka; ke mo laetse hore e be modisa wa Iseraele le Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ebe jwale le nyoloha le mo setse morao, a tle, a tlo dula teroneng ya ka, e be kgosi sebakeng sa ka. Ke yena eo ke mo laetseng hore e be mmusi wa setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:35
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?


A mo araba, a re: Monga ka, o ne o hlapanye ka Jehova, Modimo wa hao, wa re ho nna lekgabunyane la hao: Salomone, mora wa hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka.


a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Moo Benaia, mora Jehojada, a araba morena, a re: Ho be jwalo! Jehova, Modimo wa morena, monga ka, ha a ke a rialo le yena!


Yaba Salomone o dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tiya haholoholo.


Adonija a re: O a tseba hoba mmuso e be e le wa ka, le hobane Baiseraele bohle ba ne ba ntadimile hore ke buse; empa mmuso o fetohile, o abetswe ngwaneso, kahobane e bile wa hae ka taelo ya Jehova.


Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.


Salomone a dula teroneng ya Jehova, ya eba morena tulong tsa Davida ntatae; a atleha, mme Baiseraele bohle ba mo utlwa.


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ