Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Batesheba a koqama, a obama, a isa hlompho ho kgosi, a re: “Monga ka, kgosi Davida, a ke a re phelele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:31
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!


Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!


Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.


ba bua, ba re ho morena Nebukadnesare: Morena, phela ka ho sa yeng kae!


Taba tseo tsa morena le tsa mahosana a hae ha di sa dutse jwalo, mofumahadi a kena tlung ya mokete; mofumahadi a bua, a re: Morena, phela ka ho sa feleng! Mehopolo ya hao e se ke ya ferekana, sefahleho sa hao se se ke sa fetoha!


Yaba Daniele o re ho morena: Morena, phela ka ho sa yeng kae!


Yaba mahosana ao le marenana ao a mathela ho morena, a fihla, a re ho yena:


Ho feleng, a romela mora hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.


Leha ho le jwalo, e mong le e mong ho lona a fele a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata, mme mosadi yena a hlomphe monna wa hae.


Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?


Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.


Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ