Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Hushai Moarke, motswalle wa Davida, o tla ho Absalome; Hushai a re ho Absalome: A ho phele morena! A ho phele morena!


Adonija o bile o hlabakile, dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata, mme o bitsitse bara bohle ba morena, le moprista Abiathare, le Joabe, molaodi wa makgotla; athe ha a ka a bitsa Salomone mohlanka wa hao.


Nathane a re: Morena, monga ka, hleka ke wena o itseng: Adonija e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka na?


a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!


Adonija a hlabaka dinku le dikgomo le tse nonneng lefikeng la Sohelethe, le pela Ene-Rogele, a bitsa banababo bohle bao e leng bara ba morena, le banna bohle ba Juda, bahlanka ba morena.


Adonija a re: O a tseba hoba mmuso e be e le wa ka, le hobane Baiseraele bohle ba ne ba ntadimile hore ke buse; empa mmuso o fetohile, o abetswe ngwaneso, kahobane e bile wa hae ka taelo ya Jehova.


Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!


A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.


Mme jwale, Modimo wa rona, re a o boka, re rorisa lebitso la hao le kganyang.


Ka la hosasane, ba hlabela Jehova mahlabelo, mme ba ntshetsa Jehova ditjheso tsa dipohwana tse sekete, le tsa dipheleu tse sekete, le tsa dikonyana tse sekete, ka ditshelo tsa tsona, le mahlabelo a mangata a Baiseraele kaofela.


Ba tlisa mora morena, ba mo rwesa moqhaka le bopaki, ba mmea morena, mme Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa, ba re: Ha ho phele morena!


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.


ba re: Ho bokwe monghadi ya tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong, le kganya mahodimong a hodimodimo!


Samuele a re ho setjhaba kaofela: Na le a bona hobane ya kgethilweng ke Jehova hara setjhaba sohle, ha ho e mong ya jwaloka yena na? Mme setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: A ho phele morena!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ