Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Oho morena, monga ka, mahlo a Baiseraele bohle a shebile wena, hore o ba tsebise hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Jwale monga ka, kgosi ya ka, Baiseraele bohle ba shebile wena; ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang ya tla o hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa Jehova o bua ka nna, lentswe la hae le lelemeng la ka.


Adonija o bile o hlabakile, dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata, mme o bitsitse bara bohle ba morena, le moprista Abiathare, le Joabe, molaodi wa makgotla; athe ha a ka a bitsa Salomone mohlanka wa hao.


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Bona jwale hoba Jehova o o kgethile hore o hahe ntlo e tla ba sehalalelo. Iphe matla, mme o etse.


Yaba morena Davida o re ho phutheho kaofela: Mora ka Salomone eo Modimo o mo kgethileng a nnotshi, o sa le motjha, hape o monyenyane; athe mosebetsi o moholo; hobane ntlohadi eo hase ya motho, e mpa e le ya Jehova Modimo.


Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Bonang, jwaloka mahlo a bahlanka ha a tadima matsoho a benghadi ba bona, le mahlo a lekgabunyane ha a tadima letsoho la mofumahadi wa lona, mahlo a rona a tadima Jehova, Modimo wa rona, jwalo, ho fihlela a ba a re utlwela bohloko!


Mahlo a ka a tadima Jehova kamehla, hobane o tla tshwasolla maoto a ka lerabeng.


Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ