Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Hobane lerato la Modimo ke hore re boloke ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane lerato la Modimo ke hore re boloke ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 5:3
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A kgomarela Jehova, a se ke a lesa ho mo latella; a nna a boloka taelo tsa hae, tseo Jehova a di laetseng Moshe.


Lentswe le hao le hlwekile ka ho fetisa, le ratwa ke mohlanka wa hao.


ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.


empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.


Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,


Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.


Ba bofa diphahlo tse boima, tse imelang, mme ba di jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho di sisinya le ka monwana.


Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.


Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;


mme ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;


Haele selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena: Ke tla kenya melao ya ka kelellong tsa bona, ke e ngole dipelong tsa bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, le bona e tla ba setjhaba sa ka.


Moo re lemohang hoba re tseba Modimo ke ha re boloka ditaelo tsa wona.


Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ