Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, mme le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo; le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo; le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 5:13
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona;


Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.


Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.


Morutuwa eo ke yena ya pakang taba tseo, ya di ngodileng; mme re tseba hobane bopaki ba hae ke ba nnete.


Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Ke kahobane re dumetse lebitso la hae, lebitso la hae le tiisitseng motho eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho yena Jesu e mo fodisitse hantlentle pontsheng ya lona kaofela.


Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!


Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka Silfane, e leng ngwanabo lona ya tshepehang, ha ke lekanya, ke ntse ke le kgothatsa, mme ke omela hore mohau wa sebele wa Modimo ke wona oo le emeng ho wona.


Mme re ngola ditaba tsena, hore thabo ya rona e tle e phethehe.


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


Ke le ngoletse, e seng kahobane le sa tsebe nnete, empa e le kahobane le a e tseba, mme ho se leshano le tswang nneteng.


Mme pallo eo a re baletseng yona, ke bophelo bo sa feleng.


Ke le ngoletse ditaba tseo ka baka la ba le thetsang.


Mme taelo ya wona ke hore re dumele lebitso la Mora wa wona Jesu Kreste, le hore re ratane, jwalokaha o re laetse.


Lerato la Modimo ho rona le bonahetse ka hona: Modimo o romile lefatsheng Mora wa wona ya tswetsweng a le mong, re tle re phele ka yena.


Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; ya sa dumeleng Modimo o o entse leshano; hobane ha a dumele bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.


Mme bopaki boo ke hoba Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo boo bo ho Mora wa wona.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ