Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bona ke ba lefatshe; ke ka baka leo ba bolelang tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Bona ke ba lefatshe; kahoo ba bua tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Bona ke ba lefatshe, ke ka baka leo ba buang tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Bona ke ba lefatshe, ke ka baka leo ba buang tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 4:5
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke lemoha diketso tsa batho, ka lentswe la hao ke sesefile ditsela tsa batho ba sehloho.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle, ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua e le wa lefatshe; ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle.


A mpa a re ho bona: Lona, le ba tlase, nna, ke wa hodimo; lona, le ba lefatshe lena, nna, ha ke wa lefatshe lena.


Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ