Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 E mong le e mong ya etsang sebe o etsa tlolo ya molao; hobane sebe ke ho tlola molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Mongwe le mongwe yo o dirang boleo o tlola molao, gonne boleo ke tlolo ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mongwe le mongwe yo o dirang boleo o tlola molao, gonne boleo ke tlolo ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;


Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,


Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.


A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?


Baiseraele kaofela ba tlotse molao wa hao, ba kgelohile hore ba se utlwe lentswe la hao, mme thohako le hlapaolo tse ngodilweng molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di wetse hodima rona, hobane re o sitetswe.


Hobane o nyedisitse lentswe la Jehova, o tlotse molao wa hae, motho eo o tla kgaolwa ruri; o tla jara bokgopo ba hae.


Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo.


Empa Pauluse a re ho yena: Modimo o tla o phobola, wena lerako le kwetlisitsweng; hobane o duletse ho nkahlola ka molao; athe ha o laela hore ke phobolwe, o tlola molao!


Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.


hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.


Bokgopo bohle ke sebe, mme sebe se teng se sa iseng lefung.


Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ