Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bana ba ka, re se ke ra rata ka dipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Bana ba ka, a re se keng ra rata ka puo, leha e le ka leleme; empa ka ketso le ka nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Bana ba ka, a re se keng ra rata ka puo, leha e le ka leleme; empa ka ketso le ka nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:18
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a boela a re: Bona, ho na le sebaka se seng pela ka; o tla ema lefikeng.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.


Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


re mpe re etse nnete ka lerato, mme re hole nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho,


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile;


Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete —


Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ