Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ha le tseba hobane o lokile, le ke le tsebe hoba e mong le e mong ya etsang ho lokileng, o tswetswe ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Haeba le tseba hore o lokile, le tsebe hore e mong le e mong ya etsang ho loka o tswetswe ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Haeba le tseba hore o lokile, le tsebe hore e mong le e mong ya etsang ho loka o tswetswe ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:29
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na Moethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba jwalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemaleditseng ho etsa hampe.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


ba sa kang ba tswalwa ke madi, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tswetswe ke Modimo.


Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.


Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.


A re: Modimo wa bontata rona o ikgethetse wena ho tseba thato ya wona, le ho bona Ya lokileng, le ho utlwa lentswe la molomo wa hae.


Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


ke yena eo Abrahama a bileng a mo abela karolo ya leshome ya tsohle, — eo mabitso a hae ha a fetolwa, la pele le reng, morena wa ho loka, la bobedi le re, morena wa Saleme, e leng ho re, morena wa kgotso;


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


le tswe le boetse le tswetswe, e seng ka peo e bolang, e leng ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


Mme le a tseba hobane yena o hlahile hore a tle a tlose dibe tsa rona; mme ha ho sebe ho yena.


Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile;


Baratuwa, a re rataneng; hobane lerato le tswa ho Modimo, mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, le hona o tseba Modimo.


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Hobane hohle ho tswetsweng ke Modimo ho hlola lefatshe, mme hlolo e hlotseng lefatshe ke tumelo ya rona.


Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ