Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:23
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Dintho tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang hoba Mora ke mang, haese Ntate, le hoba Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ka ratang ho mo senolela yena.


Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.


Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate.


Ya leshano ke mang, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena e leng antikreste.


E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo.


Tsebang Moya wa Modimo ka hona: Moya o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ya tlileng nameng, ke wa Modimo;


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ