Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ya leshano ke mang, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena e leng antikreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Ha re bolela hore re na le kopano le wona, athe re tsamaya lefifing, teng re leshano, mme ha re etse ka nnete.


Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.


E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.


Ya reng: Ke a o tseba, kanthe ha a boloke ditaelo tsa wona, o leshano, mme nnete ha e yo ho yena.


E mong ha a re: Ke rata Modimo, mme a hloya ngwanabo, o leshano; hobane ya sa rateng ngwanabo eo a mmonang, a ka tseba jwang ho rata Modimo oo a sa o boneng?


mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng, hase wa Modimo; ke wona moya wa antikreste, eo le mo utlwileng hobane o ya tla, mme le jwale o se a le lefatsheng.


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ