Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Ba tlohile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hojane e ne e le ba rona, ba ka be ba ile ba dula le rona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ba tlohile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hojane e ne e le ba rona, ba ka be ba ile ba dula le rona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:19
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.


Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;


le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.


Leha ho le jwalo, hase hore lentswe la Modimo le wele; hobane hase bohle ba tswileng ho Iseraele e leng Baiseraele.


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;


Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Empa ba ke ke ba hlola ba tswela pele; hobane bohlanya ba bona bo tla pepesetswa bohle jwaloka jwa bao.


Haele rona, ha re batho ba kwenehang ho ya timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meya ya rona.


Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste.


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


Ke ba ikarolang ho rona, ba nang le bophelo ba nama feela, ba se nang Moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ