Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Bao e neng e le dibini le dihlooho tsa malapa a Balevi, ba ne ba dula ka dikamoreng tsa Tempele, ba sa sebetse mesebetsi e meng, hobane bona ba ne ba sebetsa motsheare le bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:33
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bao e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi melokong ya bona, e ne e le dihlooho; bona ba ne ba ahile Jerusalema.


Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.


E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.


hobane, mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho na le batsamaisi ba dibini le ba difela tsa ho rorisa le ho boka Modimo.


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ