Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Matthithia, wa Balevi, letsibolo la Shallume wa Bakore, o ne a beilwe ho baballa mosebetsi wa maqebekwane a phehwang paneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Matiteya, e mong wa Balevi, e leng letsibolo la Shalome, wa morabe wa Kora, o ne a hlokomela tsohle tse phehwang ka dipane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:31
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.


le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata.


Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona;


Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.


Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.


Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.


Ha nyehelo ya hao e le ya tse apehwang paneng, a e ke e be ya lefi la phofo e sa lomoswang, e dubilweng ka ole.


Ekare ha nyehelo ya hao e le ya tse apehwang pitseng, e tla etswa ka lefi la phofo le apehilweng ka ole.


Molao wa nyehelo ke wona ona: Bara ba Aarone ba tla e hlahisa pela Jehova, pela aletare.


E tla apehwa ka ole, paneng; o tla e tlisa e hadikilwe hantle; o tla e hlahisa e apehilwe jwaloka nyehelo e kumilweng, e be monko o monate ho Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ