Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:26
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


Banababo bona ba neng ba le metsaneng ya bona, ba ne ba tshwanetse ho tla ho bona kamora tshiu tse supileng, ho ya ka dinako tse beilweng.


Ba ne ba hlola bosiu pela ntlo ya Modimo, hobane ba ne ba beilwe ho lebela, mme ba ne ba na le kabelo ya ho e bula ka hosasa ho hong le ho hong.


o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ