Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:23
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.


Dihlopha tseo tsa balebedi ba menyako, ka ho ya ka dihlooho tsa bona, tshebetso ya bona e ne e le ho lebela ntlo ya Jehova hammoho le banababo bona.


Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.


Balebedi ba ne ba le ka nqa tse nne, ka nqa botjhabela, le ka nqa bophirimela, le ka nqa leboya, le ka nqa borwa.


A bea balebedi menyakong ya ntlo ya Jehova, hore ho se ke ha kena motho ya nang le ditshila tsa ntho efe le efe.


Ba nna ba boloka tsohle tseo e leng tsa tshebeletso ya Modimo wa bona le tseo e leng tsa dihlwekiso; le tsona dibini le balebedi ba menyako ba etsa jwalo, kamoo ho neng ho laetse Davida le Salomone mora hae kateng;


Yaba o re ho nna: Kamore eo e tadimileng nqa borwa ke ya baprista ba lebelang ntho tsa ntlo;


ke tla ba bea balebedi ba dintho tseo ke di beileng ka tlung, ho sebetsa mosebetsi wohle wa ntlo le tsohle tse tshwanetseng ho etswa ho yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ