Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:22
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a mmolella le tsa dihlopha tsa baprista le Balevi, le tsa tshebeletso yohle ya ntlo ya Jehova, le tsa mesebetsi yohle ya tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Bona hape, dihlopha tsa baprista le tsa Balevi ke tseo, kamoo di lokiseditsweng tshebeletso yohle ya ntlo ya Modimo kateng; hape, bakeng sa mosebetsi wohle, o na le banna bohle ba pelo tse ratang, ba masene mesebetsing yohle; hapehape, dihlooho le sona setjhaba kaofela ha sona di tla ba teng ho wena, ho etsa tsohle tseo o tla di laela.


Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,


le Obadia, mora Shemaia, mora Galale, mora Jeduthune, le Berekia, mora Asa, mora Elkana, ya neng a ahile metseng ya Banethofathe.


Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.


Matthithia, wa Balevi, letsibolo la Shallume wa Bakore, o ne a beilwe ho baballa mosebetsi wa maqebekwane a phehwang paneng.


A bea balebedi menyakong ya ntlo ya Jehova, hore ho se ke ha kena motho ya nang le ditshila tsa ntho efe le efe.


Katlase ho yena, metseng ya baprista ho ne ho na le Edene, le Minjamine, Joshua, Shemaia, Amaria, le Shekania, ba neilwe kabelo ya botshepehi ya ho abela banababo bona, ka ho ya ka dihlopha tsa bona, e moholo le e monyenyane,


le ka palo ya bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona, le bara ba bona le baradi ba bona, e leng phutheho yohle; hobane ke ka baka la botshepehi ba bona ba neng ba tshwara mosebetsi wa ho aba ntho tse kgethehileng.


Balevi ba bang, ba dikarolong tsa Bajuda, ba ya aha hara Babenjamine.


Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ