Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, le bana ba Hasufa, le bana ba Thabaothe,


Kaofela ha Banethinime le bana ba bafo ba Salomone ya eba makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong a metso e mmedi.


Jwale, ke ha baprista, le Balevi, le bao e leng batho feela, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, ba aha metseng ya bona; le Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.


Ha tla le Banethinime ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi ba kgethilweng ka mabitso kaofela a bona, e le bara ba Banethinime bao Davida le dihlooho ba neng ba ba neetse tshebeletso ya Balevi.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng.


Kaofela ha Banethinime le bana ba bafo ba Salomone ya eba makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong a metso e mmedi.


Jwale baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le bao e leng batho feela, le Banethinime, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona. Eitse ha ho thwasa kgwedi ya bosupa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ