Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.


Balaodi ba makgotla ba etsa ka taelo tsohle tsa moprista Jehojada, ba nka e mong le e mong banna ba hae ba kenang tshebeletsong ka Sabatha hammoho le ba tswang ka Sabatha, ba tla ho moprista Jehojada.


Enere ha ba bona hoba ditjhelete di ngata letloleng, mongodi wa morena le moprista e moholo ba ne ba tla, ba bale tjhelete tse fumanweng tlung ya Jehova, ba di kenye mekotleng.


ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.


Jwaloka kgama ha e tsetselela metsi a melatswana, ho jwalo le moya wa ka, o tsetselela wena, Modimo!


Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.


Mamelang ditaba tsena, lona ditjhaba kaofela; le sekehe ditsebe, lona batho bohle ba ahileng lefatsheng:


Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.


ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.


Molaodi wa balebedi a nka Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya hlahlamang, le balebedi ba bararo ba menyako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ