Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


le Obadia, mora Shemaia, mora Galale, mora Jeduthune, le Berekia, mora Asa, mora Elkana, ya neng a ahile metseng ya Banethofathe.


ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Haele bana ba balebedi ba menyako, ya eba bana ba Shallume, le bana ba Athere, le bana ba Thalmone, le bana ba Akkube, le bana ba Hathitha, le bana ba Shobai; hammoho ba etsa lekgolo le nang le mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong.


Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ